Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 2:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 2:2
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.


Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo ya Masedonia, e leng koloni; mme ra hlola matsatsi a itseng motseng oo.


Eitse ha beng ba hae ba bona hoba tshepo ya ho rua e fedile, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela lepatlelong la motse ho babusi.


Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, re le Baroma, mme ba re kentse teronkong; mme jwale na ba re ntshetsa kantle ka lekunutu na? tjhe ka nnete; empa ba ke ba tle, ba re ntshe.


Eitse ha ba haola le Amfipolise le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.


Ka baka leo, a buisana le Bajuda ka tlung ya thapelo le badumedi, le ka tsatsi le leng le le leng lebaleng la motse, le ba neng ba kopana le yena.


Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.


Hobane rona re ka se lese ho bolela tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ka hona, kaha re na le tšepo e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo.


Hobane ke rata ha le ka tseba hore na ntwa e kgolo ke efe eo ke nang le yona bakeng sa lona, le ba Laodisea, le bohle ba sa kang ba mpona ka nama;


Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ