Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 2:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane le lona, banabeso, le bile balatedi ba dikereke tsa Modimo tse Judea, tse ho Kreste Jesu;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane le lona, banabeso, le bile balatedi ba dikereke tsa Modimo tse Judea, tse ho Kreste Jesu;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 2:14
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba neng ba qhalantswe ke mahloriso a hlahileng ka Setefane, ba ya fihla Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda feela.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba borapedi, ba hlomphuwang, le baholo ba motse, ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Jwale ha fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo, ba hlohlelletsa letshwele, mme ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse, ba re o shwele.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa baditjhaba, ba senya dipelo tsa bona ho lwantsha badumedi.


Empa bongata ba motse ba arohana, ba bang ba ema le Bajuda, ba bang ba ema le baapostola.


Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;


Empa Bajuda ba Thesalonika, ha ba utlwa hore lentswe la Modimo le bolelwa ke Pauluse Berea, ba tla le teng, ba ferekanya letshwele.


Eitse ha Galio e le mmusisi wa Akaia, Bajuda ba tsohela Pauluse matla a le mong, ba mo isa kgotla.


Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.


Haele Saule, a qhala kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hula banna le basadi, a ba kenya teronkong.


Empa Saule, a ntse a tswela pele ho tshosetsa le ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho moprista e moholo.


Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata ka monna eo, kamoo a entseng bahalaledi ba hao kateng Jerusalema hampe.


Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.


Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;


E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.


Mme ke ne ke sa itsiwe ka sefatlhego ke diphuthego tsa Jutea tse di mo go Keresete.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.


Hobane kannete, mohla re sa na le lona, re kile ra le bolella pele hore re tla hloriswa; jwalokaha ho etsahetse, le lona le a tseba.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste:


Hoo le rona ka borona re ithorisang ka lona diphuthehong tsa Modimo ka baka la mamello ya lona le tumelo ya lona dihlorisong tsohle tsa lona le ditsietsi tseo le di mamellang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ