Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 2:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le bileditseng mmusong wa wona le kganyeng ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme ra le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le biletsang mmusong wa wona le kganyeng ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le bileditseng mmusong wa wona le kganyeng ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 2:12
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.


Ho feta moo, bao a ba reretseng pele, ke bona bao a ba bitsitseng; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse;


Modimo o a tshepeha, oo le bileditsweng ke yena ho ba le kopano le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


Jwale ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la phethahatsa ditakatso tsa nama.


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Hobane le kile la ba lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng;


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


Jwalokaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, le tsamaye jwalo ho yena.


Hape, bana beso, re a le rapela, mme re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le amohile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le hole le ho feta.


hore le tle le tsamaye ka bokgabane pela ba kantle, le tle le se ke la hloka letho.


Ya le bitsang o a tshepeha, mme le yena o tla ho etsa.


mohla a tlang ho tlotliswa ho bahalaleli ba hae, le ho tsoteha ho bohle ba dumelang (hobane ho dumetse bopaki ba rona hara lona) ka tsatsi leo.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, le mahlapa ka nyefolo; le ntse le tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue lehlohonolo.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Hobane matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bileditseng kganya le bokgabane.


Ya reng o dutse ho yena, e ka kgona le yena a tsamaye jwalokaha le yena a tsamaile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ