Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 1:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 1:9
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.


Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.


Le a tseba hore le ne le le baditjhaba, mme le isitswe ho ditshwantsho tsena tse dimumu, jwalokaha le ne le hulanngwa.


Hobane le lona ka bolona, banabeso, le tseba ho kena ha rona ho lona hoba e ne e se lefeela.


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.


Hobane ke ka baka leo re sebetsang ka thata, mme re a hloriswa, hobane re tshepile Modimo o phelang, o leng Mopholosi wa batho bohle, haholo wa ba dumelang.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.


Bana ba banyenyane, itebeleng ho medimo ya bohata. Amen.


eo marena a lefatshe a febileng le yona, le baahi ba lefatshe ba tahilweng ke veine ya bootswa ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ