Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 6:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ana ha le tsebe hoba mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? A ke tla nka ditho tsa Kreste, mme ke di etse ditho tsa seotswa? Molimo ha ho joalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? Na nka etsa ditho tsa Kreste ditho tsa seotswa? Tjhe, le ho leka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ana ha le tsebe hoba mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? A ke tla nka ditho tsa Kreste, mme ke di etse ditho tsa seotswa? Molimo ha ho joalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 6:15
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Yare ha ba utlwa, ba re: Ha ho jwalo!


Jwale rona, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme e mong le e mong ke ditho tsa e mong.


Jwale na re fedisa molao ka tumelo? Ho se ke ha eba jwalo: e, re tiisa molao.


Ho se be jwalo! hobane jwale Modimo o tla ahlola lefatshe jwang?


Joale ho thoe’ng? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlas’a molao, empa re le tlas’a mohau? Molimo ha ho joalo.


Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?


Jwale na se molemo se bile lefu ho nna na? Molimo ha ho joalo. Empa sebe se tle se bonahatse e le sebe, se mpotsang lefu ka se molemo; e le hore sebe ka taelo e ka ba sebe ho fetisisa.


Jwale re tla reng? Na molao ke sebe? Molimo ha ho joalo. Che, ha kea ka ka tseba sebe, empa e le ka molao;


Empa ke rata ha le ka tseba, hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste; mme hlooho ya mosadi ke monna; mme hlooho ya Kreste ke Modimo.


Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.


Dijo ke tsa mpa, le mpa ke ya dijo; empa Modimo o tla di fedisa hammoho le tsona. Jwale mmele ha se wa bohlola, empa ke wa Morena; le Morena bakeng sa mmele.


Empa ya kopantsweng le Morena o moya o le mong.


Eng? Ana ha le tsebe hoba mmele wa lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo, mme ha le ba lona?


Ana ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? tsa bophelo bona bo bokae?


Empa ha re ntse re batla ho bewa ba lokileng ka Kreste, mme le rona re ka fumanwa re le baetsadibe, na Kreste ke modiredi wa sebe na? Molimo ha ho joalo.


Jwale na molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? A go se nne jalo; gonne fa go ne go neilwe molao o o neng o ka kgona go tshedisa, ruri tshiamo e ka bo e le ka molao.


Empa ho mpe ho se be teng ho ka ithorisa, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona lefatshe le thakgisitsweng ho nna, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


bakeng sa ho phetheha ha bahalaledi, hore ho tle ho be le tshebetso ya tshebeletso, le ho haha mmele wa Kreste.


Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste e le hlooho ya kereke, mme ke Mopholosi wa mmele.


Hobane re ditho tsa mmele wa hae, re nama ya hae, le masapo a hae.


Mme a sa tshware Hlooho, eo ho yona mmele wohle o sebeletswang ka manonyello le mahlapo, o hohelwang hammoho ka ho hola ha Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ