Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 2:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa Moya wa Modimo, hobane ke bohlanya ho yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa Moya wa Modimo, hobane ke bohlanya ho yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 2:14
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa yena a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.


Ba bangata ho bona ba re: O na le modemona, o a hlanya; le mo utlwelang?


Le hoja a ne a entse mehlolo e kalo pela bona, ha ba ka ba dumela ho yena.


E leng Moya wa nnete; eo lefatshe le ke keng la mo amohela, kahobane ha le o bone, leha e le ho o tseba; hobane o ahile le lona, mme o tla ba ka ho lona.


Empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisang, mme le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?


Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? le kahobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.


Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.


Jwale bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba qala ho hanyetsana le yena. Ba bang ba ne ba re: “Mobereri eo o tla reng? ba bang ba re: Eka eka ke mmoledi wa medimo esele;


Eitse ha ba utlwa ka tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re tla boela re o utlwe ka taba ena.


Empa ha e le taba ya mantswe, le mabitso, le ya molao wa lona, le bone yona; hobane ha ke na ho ba moahloli oa litaba tse joalo.


Empa ba ne ba ena le dipelaelo tse itseng ho yena mabapi le tumelo ya bona, le ka Jesu e mong ya neng a shwele, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.


Hobane molaetsa wa sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba pholoswang ke matla a Modimo.


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Hobane bothoto ba Modimo bo bohlale ho feta batho; mme bofokodi ba Modimo bo matla ho feta batho.


O jalwa e le mmele wa nama; e tsoswa e le mmele wa moya. Ho na le ’mele oa nama, ’me ho na le ’mele oa moea.


Leha ho le jwalo, sa pele hase sa moya, empa ke sa nama; mme kamora moo ya moya.


Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.


Haele nna, banabeso, ke ne ke sa kgone ho bua le lona jwaloka hoja ke bua le ba moya, empa jwaloka hoja ke bua le ba nama, jwaloka hoja ke bua le bana ba ho Kreste.


Bohlale bona ha bo tswe hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba bodiabolose.


Empa lona le na le tlotso e tswang ho Mohalaledi, mme le tseba tsohle.


Empa tlotso eo le e amohetseng ho yena e dutse ho lona, mme ha le hloke hore le rutwe ke motho, le nne ho yena.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


Bana ke ba ikarolang, ba nama, ba se nang Moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ