Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 15:58 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

58 Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

58 Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

58 Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

58 Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 15:58
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho monna ya letsoho le omeletseng: Ema o eme.


Le yena a re ho yena: Le wena, o buse metse e mehlano.


Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Jwale ya lemang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe, mme e mong le e mong o tla amohela moputso wa hae ho ya ka mosebetsi wa hae.


Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.


Ke a le tshaba, esere mohlomong ke sebeleditse lefeela bakeng sa lona.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;


Le tiisitse lentswe la bophelo; e le hore ke tle ke ithorise ka letsatsi la Kreste, hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.


Hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste, o ne a le haufi le ho shwa, a se ke a kgathalla bophelo ba hae, hore a tle a ntshebeletse ho lona ho sitwa ha lona.


Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Hobane leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke bona tlhophiso ya lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.


Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho.


Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.


Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.


Hore ho se be motho ya sisinngwang ke dihloreho tsena, hobane le a tseba hore ke tsona tse reretsweng tsona.


Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Hape, bana beso, re a le rapela, mme re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le amohile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le hole le ho feta.


Bakaulengwe, re tshwanetse go leboga Modimo ka gale ka ntlha ya lona ka fa go tshwanetseng ka teng, ka tumelo ya lona e ntse e oketsega thata, le lorato lwa lona lotlhe lo a ata mo go yo mongwe le yo mongwe wa lona.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;


Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.


Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tse jwalo, le etse ka mafolofolo hore le tle le fumanwe ho yena le le kgotsong, le se na sekodi, le se na sekodi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ