Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 15:45 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

45 hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

45 Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 15:45
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophelo bo ne bo le ka ho yena; mme bophelo e ne e le lesedi la batho.


Leshodu ha le tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa;


Mme ke di fa bophelo bo sa feleng; mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong;


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


Hobane jwalokaha Ntate a tsosa bafu, mme a ba phedise; le Mora o phedisa bao a ratang ho ba phedisa.


Hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.


Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.


Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya jang nna, o tla phela ka nna.


Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.


Simone Petrose a mo araba, a re: Morena, re tla ya ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Hobane ha lefu le busitse ka tshito ya motho a le mong; haholo ba amohelang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka a le mong, e leng Jesu Kreste.


Hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.


Leha ho le jwalo, sa pele hase sa moya, empa ke sa nama; mme kamora moo ya moya.


Ke yena ya tla fetola mmele ya rona e nyatsehang, e tle e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao ka wona a nang le matla a ho bea dintho tsohle katlasa hae.


Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng; mme la fetoha madi a kang a motho ya shweleng: mme moya o mong le o mong o phelang lewatleng wa eshwa.


A re ho nna: Ho etsahetse. Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello. Ea nyoriloeng ke tla mo fa feela seliba sa metsi a bophelo.


La mpontsha noka e hlwekileng ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e tswang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ