Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 14:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jwale, banabeso, ha nka tla ho lona ke bua ka dipuo, ke tla le thusa eng, haese ha ke sa bue le lona ka tshenolo, kapa ka tsebo, kapa ka boprofeta, kapa ka thuto?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme jwale, banabeso, ha ke be nka tla ho lona ke bua ka dipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lona ka taba ya tshenolo, leha e le ka ya bohlale, leha e le ka ya boporofeta, leha e le ka ya thuto?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale, bana beso, ho tla le thusa kang ha nka tla ho lona, ke bua ka leleme lesele, ntle le haeba puo ya ka e le senolela tsa Modimo, kapa tsebo, kapa boporofeta, kapa thuto?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Jwale, banabeso, ha nka tla ho lona ke bua ka dipuo, ke tla le thusa eng, haese ha ke sa bue le lona ka tshenolo, kapa ka tsebo, kapa ka boprofeta, kapa ka thuto?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 14:6
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.


Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.


Jwale, banabeso, ke a le rapela hore le ele hloko ba bakang dikgaohano le dikgopiso tse hanyetsanang le thuto eo le ithutileng yona le ho li qoba.


Empa ho lebohuwe Modimo, kahobane le ne le le bahlanka ba sebe, empa le mametse ka pelo yohle mokgwa wa thuto oo le o neilweng.


Jwalokaha le nna ke kgahlisa batho bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se molemo ho nna, empa se molemo ho ba bangata, hore ba tle ba bolokehe.


Latelang lerato, mme le lakatse dineo tsa moya, empa haholo hore le tle le porofete.


Le tse di sa tsheleng tse di letsang, e ka nna lotlhaka gongwe harepa, fa di sa farologanye medumo, go tla itse jang se se lediwang ka lotlhaka gongwe harepa?


Empa leha ke le sethoto puong, leha ho le jwalo tsebong; empa re bonahaditswe ruri hara lona nthong tsohle.


Ho ithorisa ha ho lekane ho nna. Ke tla tla ho dipono le ditshenolo tsa Morena.


Mme e le hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo ka bongata ba ditshenolo, ke ile ka newa moutlwa nameng, lenqosa la Satane hore le nkotle, hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo.


Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.


Ke ka hona etlare ha le bala, le tle le utlwisise tsebo ya ka sephiring sa Kreste.


Ka baka leo, rona bohle ba phethehileng, a re beng maikutlo a jwalo;


O ba hopotse taba tseo, o ba laele pela Jehova, hore ba se ke ba lwana ka dipolelo, ho se nang thuso, empa ho senya ba mametseng.


Empa o tsebile thuto ya ka ka botlalo, le mokgwa wa bophelo, le morero wa ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le mamello ya ka,


Lengolo lohle le bululetswe ke Modimo, le na le molemo wa ho ruta, wa ho kgalemela, wa ho laya, le wa ho ruta ka ho loka.


U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.


Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Ka baka leo, le ntse le ikitlaetsa ka hohle, le eketse bokgabane tumelong ya lona; le bokgabaneng tsebo;


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Mongwe le mongwe yo o tlolang, a sa nnele ruri mo thutong ya ga Keresete, ga a na Modimo. Ya dulang a le thutong ya Kreste, ke yena ya nang le Ntate le Mora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ