Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 14:37 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Ekare ha motho a itekanya hore ke moporofeta, kapa ke motho wa moya, a a dumele hore tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tsa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Haeba e mong o teng ya lekanyang hore ke moporofeta, kapa o na le neo ya Moya wa Modimo, eka kgona a hlokomele hore tseo ke le ngollang tsona ke molao wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Ekare ha motho a itekanya hore ke moporofeta, kapa ke motho wa moya, a a dumele hore tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tsa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 14:37
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya le utlwang o a nkutlwa; mme ya le nyatsang, o a nyedisa nna; mme ya nnyatsang, o nyedisa ya nthomileng.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.


Baporofeta ba bue ba babedi kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole.


Eng? Na lentsoe la Molimo le tsoile ho lōna? kapa e tlile ho lona feela?


Empa ekare ha motho a hloka tsebo, a hloke tsebo.


Empa motho wa moya o ahlola tsohle, empa yena ha a ahlolwe ke motho.


Haele nna, banabeso, ke ne ke sa kgone ho bua le lona jwaloka hoja ke bua le ba moya, empa jwaloka hoja ke bua le ba nama, jwaloka hoja ke bua le bana ba ho Kreste.


Jwale malebana le barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka, ke le ya hauhetsweng ke Morena hore ke tshepehe.


Empa o tla thaba haholo ha a ka dula jwalo, ho ya ka pono ya ka, mme ke lekanya hore le nna ke na le Moya wa Modimo.


Mme ekare ha motho a nahana hore o tseba taba, ha a eso ho tsebe kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang;


Na le talima lintho ka ponahalo ea ka ntle? Ekare ha e mong a itshepa hore ke wa Kreste, a a boele a hopole taba ena ka boyena, hore, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.


Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella.


Hobane ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.


Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.


Rona re ba Modimo: ya tsebang Modimo o a re utlwa; yo e seng wa Modimo ga a re utlwe. Ke ka hona re tsebang moea oa ’nete le moea oa thetso.


Empa lona, baratuwa, le hopole dipolelo tse boletsweng pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ