Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Tshenolo 18:3 - BIBELE

3 Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

3 Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya kgalefo ya bohlola ba hae, mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba tla rua ka bongata ba menate ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya kgalefo ya bohlola ba hae, mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba tla rua ka bongata ba menate ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Tshenolo 18:3
17 Iomraidhean Croise  

Ke sona feela seo ba ka o etsetsang sona, bana bao o sebeditseng le bona, bao esale o hweba le bona ho tloha botjheng ba hao. E mong le e mong o ikela ka tsela ya hae, ha ho le ya mong wa bona ya ka o pholosang.”


“Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka.


Babilona e ne le mokgako wa kgauta tsohong la Morena, mokgako o ila tahisa lefatshe lohle. Ditjhaba di ile tsa nwa veine, veine ya Babilona, jwale tjhaba tseo di fetohile mahlanya!


Ba kileng ba phela ka dimenyemenye, ba bolawa ke tlala hara diterata; ba neng ba apara tse mabokoboko, kajeno ba paqame dithotobolong.


Ninife e otlwa jwalo hobane e le seotswa, boloi ba yona bo ke ke ba ba ba bolelwa, ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba, ka boloi ba yona e fetole merabe makgoba.


Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi.


Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape.


Yaba lengeloi le leng, e leng la bobedi, le latela leo ka ho re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo, yona e tahisitseng ditjhaba tsohle ka jwala ba bohale ba bohlola ba yona!”


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


Lesedi la lebone ha le ka ke la hlola le kganya ha hao. Lentswe la monyadi ha le ka ke la hlola le utlwahala ha hao. Bahwebi ba hao e ne e le mahosana a lefatshe, mme ka boloi ba hao wa thetsa ditjhaba tsohle.


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan