Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Tshenolo 16:3 - BIBELE

3 Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang madi a motho ya shweleng, mme tse phelang lewatleng kaofela tsa eshwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

3 Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng; mme la fetoha madi a kang a motho ya shweleng: mme moya o mong le o mong o phelang lewatleng wa eshwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng; mme la fetoha madi a kang a motho ya shweleng: mme moya o mong le o mong o phelang lewatleng wa eshwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Tshenolo 16:3
10 Iomraidhean Croise  

Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa.


Metsi a naha ya bona a a fetola madi, a bolaya le ditlhapi tse ho wona.


A fetola metsi a dinoka tsa bona, a a fetola madi, le a melatswana ya bona, hore ba sitwe ho nwa.


Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba difebe le ba babolai. Ka baka la kgalefo ya ka le bohale ba ka, ke tla iphetetsa ho wena, ke o ahlolele lefu.


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


Ka letsohong la lona le ne le tshwere bukana e phetlilweng. Lengeloi leo la hata hodima lewatle ka leoto la lehlakore le letona, le hodima lefatshe ka la le letshehadi,


Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.


Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan