Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 7:86 - BIBELE

86 Le mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi a tletseng mokubetso. Boima ba lefiswana le leng le le leng e ne e le dikeramo tse lekgolo le nang le leshome. Boima ba kgauta ya mafiswana kaofela e ne e le kilo e le nngwe le dikeramo tse mashome a mararo le metso e mmedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

86 Dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta, tse tletseng dibano, e nngwe le e nngwe e ne e le ya dishekele tse leshome tsa sehalalelo; kgauta yohle ya dipitsa tseo ya eba dishekele tse lekgolo le mashome a mabedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 7:86
6 Iomraidhean Croise  

le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.


O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.


Boima ba mokeke o mong le o mong e ne e le kilo e le nngwe le halofo; ba sekotlolo se seng le se seng e le dikeramo tse makgolo a robedi. Boima ba silefera ya dijana kaofela e ne e le kilo tse mashome a mabedi a metso e supileng le dikeramo tse mashome a tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.


Diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso e ne e le diphowana tse leshome le metso e mmedi; dipheleu tse leshome le metso e mmedi; dinku tse tona tse nang le selemo, tse leshome le metso e mmedi, le nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona; le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa nyehelo e tlosang sebe.


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan