Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 4:15 - BIBELE

15 “Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 4:15
26 Iomraidhean Croise  

Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng.


Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.


Baholo bohle ba Baiseraele ba tla, mme baprista ba nka areka.


Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena.


Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”


Ho tloha nakong eo, ha se ke ha hlola ho sa hlokahala hore Balevi ba jare Leaho le tsohle tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona.


O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata.


Mefeng eo ya yona e kgweswe mefitshaneng, hore e tle e be mahlakoreng a mabedi a aletare ha e jarwa.


Mokubetso ona a o tshele hodima mollo, kapele ho Morena, e le hore mosi wa mokubetso o tle o kwahele sekwahelo sa tefelo ya sebe, se hodima areka e kentseng matlapa a ngotsweng Molao, e le hore Arone a se ke a shwa.


O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa.


Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.


Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.


Hore ba tle ba phele, ba se ke ba eshwa, ere ha ba atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa le ba etse tjena: Arone le bara ba hae ba kene ka Sehalalelong, ba abele e mong le e mong wa bona mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara,


empa ba se ke ba kena ho sheba dintho tse halalelang leha e le ka motsotswana feela, esere ba eshwa.”


Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.


Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele.


Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.


Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan