Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”
O tla ema kapele ho moprista Eleasare, yena a mmotsetse diqeto tsa Morena, ka ho sebedisa lejwe la Urime. Ka taelo ya Joshua bana bohle ba Iseraele ba tla tswa, mme ba tla kgutla ba ena le yena, le setjhaba sohle.”
ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae.
Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona.