Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.
Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’
Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.
Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.
“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona.
Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.
Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.
Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.