Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 21:5 - BIBELE

5 Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 21:5
19 Iomraidhean Croise  

Modimo ke ntata dikgutsana, ke mosireletsi wa bahlolohadi, o leahong la hae le halalelang.


Ba hanyetsa Modimo, ba re: “Ebe Modimo a ka hla a tseba ho re lokisetsa dijo lehwatateng moo?


Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?


Setjhaba sa korotlela Moshe, sa re: “Re tla nwa eng?”


Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng. Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je.


Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.


Ya nyonyobetseng o hlaba kgora ka sefeamaeba, athe ho ya lapileng le ho babang ho a latsweha.


“ ‘Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng.


empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?’ ”


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”


Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile!


Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan