Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 21:14 - BIBELE

14 Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng: “Wahebe e Sufa, le dikgohlwana tsa Arenone;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ka baka leo ho itsweng Bukeng ya Dintwa tsa Jehova:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 21:14
8 Iomraidhean Croise  

E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda.


Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:


Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma ka nqane ho Arenone e lehwatateng le nametseng ho ya fihla moeding wa Baamore, hobane Arenone ke wona moedi wa Bamoabe le Baamore.


le methipoloha ya dikgohlwana tse lelemellang diahelong tsa Are, tse sikang le moedi wa Moabe.”


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


“Emang, le tswele pele leetong la lona, le tshele molatswana wa Arenone. Bonang, Sihone wa Moamore, kgosi ya Heshebone, yena le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. Mo futuheleng, naha ya hae e be ya lona.


Letsatsi la ema themelele! le kgwedi ya ema themelele! ho fihlela ha setjhaba se qetile ho iphetetsa ho dira tsa sona. Na hoo ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare? Letsatsi la ema themelele! hara sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho dikela.


Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan