Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 20:4 - BIBELE

4 Ke hobaneng ha o tlisitse setjhaba see sa Morena lehwatateng lee, hore re tlo shwela teng, rona le diphoofolo tsa rona?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Na ke ka baka lang le tlisitseng phutheho ya Jehova lefeelleng lena, hore re shwele teng, rona le makgomo a rona?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 20:4
13 Iomraidhean Croise  

Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta,


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”


mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”


empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?’ ”


Re hopotse ditlhapi tseo re neng re di ja ha re sa le Egepeta, re sa di reke; le mokopu, le mahapu, le dishaloto, le eiye, le konofolo.


Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”


“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.


Ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta ba ile ba tsamaya hara lehwatata ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka, ba tla fihla Kadeshe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan