Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 2:18 - BIBELE

18 “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka nqa bophirimela, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Efraime, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Efraime, Elishama, mora Ammihude,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 2:18
13 Iomraidhean Croise  

“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.


Hara bana ba Josefa: lapeng la Efraime e be Eleshama mora wa Amihude; lapeng la Manase e be Gamaleele mora wa Pedasure.


Hara bana ba Josefa ha balwa bana ba Efraime ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude.


Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.


Ka letsatsi la bosupa ha nyehela kgosana ya bana ba Efraime, e leng Eleshama, mora wa Amihude.


Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eleshama, mora wa Amihude.


Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan