Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 19:22 - BIBELE

22 Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 19:22
21 Iomraidhean Croise  

Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:


Mang kapa mang ya amang ntho e neng e le katlasa hae, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang ntho ya mofuta o jwalo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Mang kapa mang eo monna ya kulang a mo amang ka matsoho a sa hatlelwang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya dulang eng kapa eng e neng e dutswe ke monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Mang kapa mang ya amang mmele wa monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Haeba monna eo ya kulang a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, ya tshwetsweng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


kapa monna ya amang sehahabi se ka mo silafatsang, kapa ya amang monna e mong ya ka mo silafatsang ka baka la sesila sa hae;


motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi.


“ ‘Ha motho a ama ntho e sa hlwekang, leha e se ka morero, e ka ba sefifi sa phoofolo, kapa sefifi sa kgomo, kapa sefifi sa sehahabi se sa hlwekang, kapa ntho eo a sa e bonang, mme eba o a silafala, o tla ba molato.


“ ‘Ha motho a ama motho ya sesila, e ka ba sesila sa mofuta ofe le ofe se mo silafaditseng, mme a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato.


“ ‘Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja.


Hape, ha motho a ama ntho efe le efe e silafetseng, ebang ke motho ya silafetseng, kapa phoofolo, kapa ntho efe le efe e kgesehang, mme eba o ja sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, motho eo le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?” Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.”


Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan