Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 18:31 - BIBELE

31 Lona le ba malapa a lona le ka se jella dibakeng tsohle, hobane ke moputso wa lona wa tshebeletso ya lona ka Tenteng ya Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 18:31
9 Iomraidhean Croise  

“O re ho bona: ‘Ha le nyehela ka karolo e ntle ka ho fetisisa, ena e tla ba seabo sa Balevi, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong.


Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.’ ”


Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.


Ebe dikereke tse ding di le fetile kang, haese feela hore nna ha ke a ka ka le kgoka? Ntshwareleng phoso eo.


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan