Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 16:42 - BIBELE

42 Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 16:42
10 Iomraidhean Croise  

Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?”


Tlotla ya Morena ya eba hodima thaba ya Sinai, mme leru la e aparela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa, Morena a le kahara leru, a bitsa Moshe.


Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle.


Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.


Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.


Moshe le Arone ba fihla kapele ho Tente ya Morena.


Setjhaba se ne se hloka metsi, mme sa ikopanya ho lwantsha Moshe le Arone.


Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan