Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 16:41 - BIBELE

41 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Empa yare ha bo esa phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya rorela Moshe le Aarone, ya re: Le bolaile setjhaba sa Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 16:41
18 Iomraidhean Croise  

Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”


Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena.


Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.


Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Ke Baruke, mora wa Neriya, ya o hlohleletsang hore o neelane ka rona matsohong a Bakalatiya, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise Babilona, bothopuweng.”


Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.


Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!


“Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


leha re tlotliswa kapa re tlontlollwa, leha re buuwa hampe kapa re buuwa hantle. Re nkwa re le bathetsi, empa re bua nnete;


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan