Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 16:39 - BIBELE

39 Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Yaba moprista Eleasare o nka dipitsa tsa koporo, tseo banna bao ba tjhesitsweng ba neng ba di hlahisitse, mme tsa etswa makapa a diphara a ho kwahela aletare.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 16:39
5 Iomraidhean Croise  

Empa bo-Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntata bona, ba se na bara; kahoo Eleasare le Itamare ya eba bona baprista.


Ba bolella kgosi Usiya sefahlamahlo, ba re ho yena: “Usiya, ha o na tokelo ya ho tjhesetsa Morena mokubetso; ke baprista feela, e leng bara ba Arone, ba ileng ba halaleletswa ho tjhesa mokubetso. Tswa ka mona ka Sehalalelong, hobane o sitilwe; ebile Morena Modimo a ke ke a o tlotla!”


Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona, hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.


Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan