Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 16:21 - BIBELE

21 “Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 16:21
19 Iomraidhean Croise  

hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”


Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


Jwale ako ntlohele, kgalefo ya ka e ke e se tlokomele, ke tle ke se timetse. Ha e le wena ke tla o etsa setjhaba se seholo.”


O etsetsang hore Baegepeta ba tle ba re: ‘O ba ntshitse ka morero o mobe, hore a tle a yo ba bolaela dithabeng, le ho ba timetsa lefatsheng’? Kokobetsa kgalefo ya hao e tukang, o fetole morero wa hao wa ho timetsa setjhaba sa hao.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Le setjhaba se manganga; ha nka ka ba hara lona motsotswana o le mong feela, nka le timetsa. Jwale rolang mekgabiso ya lona, ke tle ke tsebe hore na ke etsa eng ho lona.’ ”


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Dihlajwa tsa sona di ka bitla le ahlameng, kaofela ke tjhaba sa dinatla, natla tsa bahlabani.


Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, empa ka wena ke tla etsa setjhaba se matla ho feta sena.”


Jwale ha o ka bolaya setjhaba sena sohle, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re:


Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re:


“Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.


Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”


A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”


Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.


Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan