Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 16:11 - BIBELE

11 Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke ka baka lena, wena le ba letshwele lohle la hao, le dumellaneng ho tsekisa Jehova! Aarone yena keng, hore le mo rorele na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 16:11
15 Iomraidhean Croise  

Tsena e ne e le tsona dihlopha tsa balebedi ba menyako, bao e neng e le ditloholo tsa Kore le tsa Merari.


Ba honohela Moshe ba le diahelong, le yena Arone, mohalaledi wa Modimo.


Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!” Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?”


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Moshe a romela hore ho yo bitswa Datane le Abirame, bara ba Eliabe, empa bona ba re: “Ha re ka ke ra tla!


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


“Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”


Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”


Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”


Ka hona ya hanyetsang borena, o hanyetsa se beilweng ke Modimo, mme ba se hanyetsang ba tla ahlolwa.


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan