Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 15:29 - BIBELE

29 Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Le tle le be le molao o le mong bakeng sa ya ka sitwang ka ho se tsebe, kapa ke ya tswetsweng hara bana ba Iseraele, kapa ke moditjhaba ya aheletseng hara lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 15:29
12 Iomraidhean Croise  

“Le moditjhaba eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, o tla tla ka baka la lebitso la hao, a etswa naheng e hole,


Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.”


“Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


“ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:


Ho tla ba le molao o le mong ho setjhaba, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Seo le leng sona, le mojaki o tla ba sona kapele ho Morena.


Moprista o tla etsetsa motho eo ya entseng sebe e se ka morero tefelo ya sebe kapele ho Morena; o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla tshwarelwa.


“ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“ ‘Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.’ ”


athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”


Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan