Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 14:42 - BIBELE

42 Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Le se ke la nyolohela teng, hobane Jehova ha a yo hara lona, le tle le se ke la qhalanngwa pela dira tsa lona;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 14:42
9 Iomraidhean Croise  

Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae.


Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.”


“Empa Morena a re ho nna: ‘Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona.’


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.


Ke a o rapela Morena, ke tla reng ha e le moo Baiseraele ba balehile dira tsa bona?


Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan