Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 11:4 - BIBELE

4 Letshwelehadi la baditjhaba le neng le tsamaya le Baiseraele la lakatsa nama haholo. Bana ba Iseraele le bona ba boela ba lla, ba re: “Ke mang ya tla re fa nama, hore re je?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 11:4
16 Iomraidhean Croise  

Eitse ha ba utlwa Molao, ba qhelela ka thoko baditjhaba bohle le bohle ba tswetsweng ke Baiseraele ba nyallaneng le baditjhaba.


Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng.


Letshwelehadi la meraberabe la ya le bona, le mehlape e mengata haholo ya dinku, le ya dikgomo.


“Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: ‘Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


eba le re: ‘Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;’


“O tle o re ho setjhaba: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja.


Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona?


Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.


Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.


Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”


“Hape ha le le Tabera, le Masa, le Kiborote-Hatafa, le teng le ne le halefise Morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan