Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 11:31 - BIBELE

31 Ha tsoha moya o tswang ho Morena, wa tlisa dikwekwe tse tswang lewatleng; wa di hasanya diahelong, le ho potapota. Bonamo ba sebaka seo di neng di se kwahetse, ho tloha mahlakoreng wohle a diahelo, e ne e le sa leeto la letsatsi ho tloha diahelong; di ne di fofa, di phahametse lefatshe ka bophahamo bo ka etsang methara e le nngwe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Jehova a fokisa moya o tlisang dikwekwe tse tswang ka nqa lewatleng, wa di dihela fatshe pela diahelo, sebaka se ka bang sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe, le sebaka sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe hape, ka nqa tsohle ho diahelo. Ho teteana ha tsona, ho tloha fatshe, e ne e batla e le ditswe tse pedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 11:31
9 Iomraidhean Croise  

Ba kopa, yaba o ba tlisetsa dikwekwe; a ba kgorisa ka bohobe bo tswang mahodimong.


A ba nea seo ba neng ba se kopa, athe o tla ba neella ka lefu le ba timetsang.


Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng.


Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie.


Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.


O ile wa fokisa moya wa hao, lewatle la ba kwahela, ba teba jwaloka loto metsing a tshabehang.


Mantsiboya ha nyoloha dikwekwe, tsa fihla tsa hwaramana diahelong tsa bona. Hoseng ha tsoha ho letse phoka diahelong tsa bona.


Yaba Moshe le baholo ba Iseraele ba kgutlela diahelong.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan