Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 11:13 - BIBELE

13 Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: ‘Re fe nama, re je!’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Na ke tla nka kae nama, ke tle ke fe setjhaba sena sohle; hobane bohle ba itelela ho nna, ba re: Re fe nama, re tle re je!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 11:13
9 Iomraidhean Croise  

Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tse kaalenyana tsee, ke tla di abela banna ba lekgolo jwang?” Elisha a pheta, a re: “Di fe batho bana, ba je, hobane Morena o bua tjena: ‘Ba tla ja, ba be ba di siye.’ ”


Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”


empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?’ ”


Moshe a re: “Batho ba ditaaso bao ke nang le bona ke dikete tse makgolo a tsheletseng, empa o re: ‘Ke tla ba fa nama eo ba tla e ja kgwedi kaofela!’


Na ba tla hlabelwa mehlape ya dinku le ya dikgomo hore e ba lekane? Kapa ebe ba tla tshwasetswa ditlhapi tsohle tsa lewatle, hore di tle di ba lekane?”


Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”


Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: “Ke hokae moo motho a ka fumanelang batho baa bohobe bo ka ba kgorisang moo feelleng?”


Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan