Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 9:4 - BIBELE

4 Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Joshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Bunni, Sherebia, Bani, le Kenani, ba ema sethaleng sa Balevi, ba howeletsa ho Jehova, Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 9:4
13 Iomraidhean Croise  

Balevi ba morabe wa Kohate, le Balevi ba morabe wa Kora, ba ema, ba rorisa Morena Modimo, ka mantswe a phahameng.


Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.


Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako.


Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase.


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Pesalema ya Asafo, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Leha ke bokolla, ke batla thuso, thapelo ya ka ha a e mamele.


Hoba a rialo, a howa ke lentswe le phahameng, a re: “Lasaro, tswa!”


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan