Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 4:21 - BIBELE

21 Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ra tshwara mosebetsi jwalo, ba bang ba rona ba ntse ba tshwere marumo, ho tloha ka meso ho isa ha dinaledi di hlaha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 4:21
6 Iomraidhean Croise  

Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”


Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.”


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan