Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 3:21 - BIBELE

21 Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Kapele ho eo, Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse, a lokisa sekoto se seng, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eliashibe, ho ya kgutla phellong ya ntlo ya Eliashibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 3:21
8 Iomraidhean Croise  

le Kose, ya ileng a tswala Anube, le Hasobeba, le ba morabe wa Aharahele, mora wa Harume.


Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a ba sa ipitsa ka lebitso la mohwe wa hae.


Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.


Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele.


Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe.


Baprista, e leng banna ba ahileng phuleng ya Jorodane, ba latela Meremote, le bona ba tsosa lerako.


Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.


“Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan