Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 12:35 - BIBELE

35 le baprista ba bang ba letsang diterompeta, e leng Sekariya, mora wa Jonathane, Jonathane ya tswetsweng ke Shemaya, Shemaya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmikiya, Mmikiya ya tswetsweng ke Sakure, Sakure ya tswetsweng ke Asafo,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 12:35
10 Iomraidhean Croise  

Hara bara ba Asafo e ne e le Sakure, le Josefa, le Netaniya, le Asarela. Ba ne ba okametswe ke Asafo, ya neng a phatlalatsa molaetsa ho ya ka taelo ya kgosi.


Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.”


Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.


Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.


le Juda, le Benjamine, le Shemaya, le Jeremia,


le bana babo, bo-Shemaya, le Asariele, le Milalai, le Gilalai, le Maai, le Netanele, le Juda, le Hanani, ba letsa diletsa tsa Davida, mohlanka wa Modimo. Ba ne ba eteletswe pele ke Esera eo e neng e le Setsebi sa Molao.


Baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka ba nkile manaka a supileng a pheleu. Ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng, baprista ba letse manaka.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan