Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 12:26 - BIBELE

26 Tsena di etsahetse mehleng ya Joyakime, mora wa Jeshua, setloholo sa Josadake, ha Nehemia e ne e le mmusisi, Esera e le moprista le Setsebi sa Molao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Bao ba ne ba le teng mehleng ya Jojakime, mora Joshua, mora Jotsadake, le mehleng ya Nehemia, mmusisi, le ya Esdrase moprista le mongodi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 12:26
5 Iomraidhean Croise  

A busa dikgosi tsohle, ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla naheng ya Bafilesita le meeding ya Egepeta.


Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele.


Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan