Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 27:66 - BIBELE

66 Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

66 Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

66 Ba ya, ba tiisa lebitla, ka ho tiisa lejwe, mme ba bea balebedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

66 Ba ya, ba tiisa lebitla, ka ho tiisa lejwe, mme ba bea balebedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 27:66
10 Iomraidhean Croise  

Ba phikolosetsa lejwe monyako wa mokoti o moholo, ba o kwala, mme kgosi ya tiisa lejwe ka lesale la yona la tiiso, le ka masale a tiiso a mahosana a yona, e le hore morero o entsweng ka Daniele o tle o se ke wa fetolwa.


a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.


Pilato a re ho bona: “Nkang balebedi, le yo lebela ka thata jwalokaha le tseba.”


Ha basadi ba ntse ba eya, ba bang ba balebedi ba ya motseng, mme ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng.


Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.


Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le se le phikolositswe; le ne le le leholo haholo.


Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Joshua a re: “Phikolosetsang majwe a maholo molomong wa lehaha, le bee balebedi moo, ba di lebele.


La e akgela mohohlong o se nang pheletso, la e notlella teng, la bitiela monyako wa mohohlo, hore e se hlole e kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Kamorao ho moo eka kgona e lokollwe nako e kgutshwanyane.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan