Mattheu 26:56 - BIBELE56 Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)56 Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha. Faic an caibideilBaasraak Sotho NT56 Empa tsena tsohle di etsahetse hore ho phethehe Mangolo a baporofeta. Yaba barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha. Faic an caibideilContemporary Southern Sotho Bible 202456 Empa tsena tsohle di etsahetse hore ho phethehe Mangolo a baporofeta. Yaba barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha. Faic an caibideil |
“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.
Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.