Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 24:5 - BIBELE

5 Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

5 Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 24:5
15 Iomraidhean Croise  

Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”


Baporofeta bana ha ke a ka ka ba roma, empa ba ile ba ya ba potlakile; ha ke eso ka ke bua le bona, empa bona ba porofetile.


“Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’


“Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.’ Ba ke ke ba le tlohela!


Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ha e mong a ka itlela ka lebitso la hae, le tla mo amohela.


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.


Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.


Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.


athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng.


Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan