Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 23:28 - BIBELE

28 Le lona le jwalo: kantle le tadimeha le lokile, athe kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Le lona, ho batho ba le tadimang kantle, ho jwaloka eka le lokile, athe kahare ho lona le tletse boikaketsi le bokgopo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

28 Ka mokgwa o jwalo le lona kantle, le bonahala le lokile ho batho, empa kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Ka mokgwa o jwalo le lona kantle, le bonahala le lokile ho batho, empa kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 23:28
13 Iomraidhean Croise  

Ke sitetswe wena, wena o inotshi, ke entse bobe mahlong a hao. Ho loka ha hao ho tla bonahala ha o ahlola, le ho hloka kodi ha hao ha o diha nyewe.


Leha lehloyo la hae le ka ikgakanya ka thetso, bokgopo ba hae bo tla taloleha mahlong a bohle.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hahela baporofeta mabitla; le kgabisa diemahale tsa mabitla a ba lokileng,


“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona.


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan