Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 22:33 - BIBELE

33 Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Mme bongata ha bo utlwa hoo, ba tsota thuto ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

33 Yare ha bongata bo utlwa hoo, ba hlollwa ke thuto ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Yare ha bongata bo utlwa hoo, ba hlollwa ke thuto ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 22:33
8 Iomraidhean Croise  

Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela.


Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.


Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae!


mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.


Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”


Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan