Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 21:9 - BIBELE

9 Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

9 Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 21:9
11 Iomraidhean Croise  

Haleluja! Rorisang Morena, lona ba mahodimong, mo roriseng, lona ba hodimodimo.


Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?”


Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.


Ke a o bolella hore ho tloha jwale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”


Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”


Bonang, ntlo ya lona a sala e le dithako. Ha le ka ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”


“Tlotla e be ho Modimo mahodimong a hodimodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho ba mo kgahlang!”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan