Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 19:6 - BIBELE

6 Kahoo ha ba sa le ba babedi, e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

6 Ka baka leo, ha e sa le ba babedi, empa e se e le nama e le nngwe. Ka baka leo, seo Modimo o se kopantseng hammoho, ho se be motho ya se arolang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka baka leo, ha e sa le ba babedi, empa e se e le nama e le nngwe. Ka baka leo, seo Modimo o se kopantseng hammoho, ho se be motho ya se arolang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 19:6
10 Iomraidhean Croise  

ya sa tshepahaleng ho monna wa hae, ya lebalang selekane sa Modimo wa hae.


Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.


“Ke hloile tlhalano,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele; “ke hloile ha monna a etsetsa mosadi wa hae sehloho se jwalo. Hlokomela hore o se fetohele kano ya hao ya ho tshepahala ho mosadi wa hao,” ho rialo Morena wa mabotho.


Mme a re: ‘Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.’


Ba re ho yena: “Jwale ke ka baka lang Moshe a laetseng hore mosadi ‘a newe lengolo la tlhalo, mme a hlalwe?’ ”


Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”


Mosadi ya nyetsweng o tlameletswe ke molao ho monna wa hae, ha monna a ntse a phela, empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna.


Le banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwalo, jwaloka mmele ya bona hantle. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan