Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 13:45 - BIBELE

45 “Hape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang mabenyane a bohlokwa,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Mmuso wa mahodimo hape o jwaloka mohwebi ya batlang diperela tse ntle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

45 Hape, mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang diperela tse ntle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Hape, mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang diperela tse ntle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 13:45
14 Iomraidhean Croise  

Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa.


Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho.


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”


Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.


eo ereng hoba a fumane le leng la bohlokwahadi, a yo rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a le reke.”


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


“Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan