14 E mong le e mong ya sa le amoheleng, leha e le ho utlwa mantswe a lona, etlare ha le etswa tlung eo, leha e le motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.
14 E mong le e mong ya sa le amoheleng, leha e le ho utlwa mantswe a lona, etlare ha le etswa tlung eo, leha e le motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.
Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!” Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.
“Mang le mang ya amohelang e mong wa bana ba jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.”
a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”