Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 9:44 - BIBELE

44 moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

44 moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 9:44
13 Iomraidhean Croise  

Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”


Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”


Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi,


Haeba leoto la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le kotwane, ho ena le ho lahlelwa diheleng o ena le maoto a mabedi,


moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng,


Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,


le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.


Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.


Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan