Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 14:2 - BIBELE

2 kaha ba ne ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Empa ba ne ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

2 Empa ba re: E seng ka letsatsi la mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Empa ba re: E seng ka letsatsi la mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 14:2
13 Iomraidhean Croise  

Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Ho molemo ha motho a jara joko ena, a e jara nakong ya botjha ba hae.


“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”


Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”


Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae.


Empa ha re ka re, ‘E ne e etswa bathong,’ ” ba ne ba tshaba letshwele, hobane bohle ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta wa sebele.


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


Yare ha Jesu a le Bethania ha Simone wa molepera, mme a dutse dijong, ha tla mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa nareta ya sebele, se theko e phahameng. A thua pitsana, a se tshela hloohong ya Jesu.


Empa haeba re ka re: ‘Bathong,’ setjhaba sohle se tla re tlepetsa ka majwe, hobane se kgotswe hore Johanne e ne e le moporofeta.”


Mokete wa bohobe bo sa lomoswang, o bitswang Paseka, o ne o atametse.


Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”


Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan