Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 9:38 - BIBELE

38 Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Monna e mong ya hara bongata a howa, a re: Moruti, ke a o rapela, tadima mora ka; hobane o nnotshi ho nna.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

38 Mme bonang, monna e mong wa letshwele a howa, a re: Moruti, ke a o rapela: tadima mora wa ka, hobane ke yena a nnotshi ho nna.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Mme bonang, monna e mong wa letshwele a howa, a re: Moruti, ke a o rapela: tadima mora wa ka, hobane ke yena a nnotshi ho nna.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 9:38
8 Iomraidhean Croise  

Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”


Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.


Ka le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwelehadi la kgahlanyetsa Jesu.


Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.


Ha le utlwa hore Jesu o fihlile Galelea a etswa Judea, la tla ho yena, la mo kopa hore a theohe, a yo fodisa mora wa lona, hobane o ne a le makgatheng a ho shwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan