Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 9:20 - BIBELE

20 A re ho bona: “Empa lona le re ke mang?” Petrose a araba, a re: “O Kreste wa Modimo.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

20 A re ho bona: Empa lona le re ke mang? Petrose a araba, a re: Ke Kreste wa Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 A re ho bona: Empa lona le re ke mang? Petrose a araba, a re: Ke Kreste wa Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 9:20
20 Iomraidhean Croise  

“Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?” Ba re ho yena: “Wa Davida.”


Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”


Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?


Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?”


A ba botsa, a re: “Empa lona le re nna ke mang?” Petrose a re ho yena: “O Kreste.”


ba re: “Haeba o le Kreste, re bolelle.” A re ho bona: “Ha nka le bolella, ha le ka ke la ntumela,


Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”


Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.


Nathanaele a mo araba, a re: “Rabbi, o Mora wa Modimo, o Kgosi ya Iseraele.”


A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


“Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”


Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.”


Ba bang ba re: “Ke yena Kreste!” Empa ba bang ba re: “Na Kreste a ka tswa Galelea?


A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.”


Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”


Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan